Moporesidente wa Afrika Borwa o tlotla Ngaka Maphalla

Author: Mmasibidi Setaka (SADiLaR Sesotho researcher) – English blog to follow

Matsatsing a sa tswa feta, Moporesidente wa Afrika Borwa, Monghadi Matamela Cyril Ramaphosa, o tlotlile Ngaka Maphalla ka kgau ya Order of Ikhamanga (ya kgauta) e le sesupo sa mosebetsi o tswileng matsoho le o kgabane oo a o entseng ntshetsopeleng le polokong ya Sesotho. Tlotlo ena ya kgau ya Order of Ikhamanga ke tlolo ya maemo a hodimodimo, e ikgethileng e fuwang badudi ba Afrika Borwa ba bontshang bokgoni le boqhetseke bo boholo mafapheng a bonono, setso, dingolwa, mmino, boqolotsi le dipapading, ba itelletseng naha ya bona. Ngaka Maphalla o fuwe kgau ena ka baka la mosebetsi wa hae o kgabane dingolweng tsa Sesotho, mmoho le tema e kgolo eo a e kgathileng setjhabeng sa Basotho. Efela, nnete ke hore tlotlo ena e mo tshwanetse.

Le tla hopola hore ka selemo sa 2019, SADiLaR e ile ya tlotla Ngaka Maphalla ka mosebetsi o kgabane oo a o entseng, mme re ile ra tlallwa ke thabo ha re fumana ditaba tsa hore Moporesidente wa naha o bona ho tshwanelehile hore a tlotle kwakwariri ena ya Sesotho.

Ngaka Maphalla o ngotse dipadi, dithothokiso, diterama, dipalekgutshwe, le tse ding, mme a fumana dikgau tse ngata tse pakang talente le bokgoni ba hae. Tse ding tsa dibuka tseo a di ngotseng di balwa dikolong, mme tse ding tsa dibuka tseo a di ngotseng tse ileng tsa tuma ka sefutho ke  Tshiu Tseo, Tshepo le metswalle, Tefo, Kabelwamanong, Nna ke mang? Botsang lebitla, le tse ding tse ngata.   

Jwaloka SADiLaR, re lebohisa Ngaka Maphalla ka kgau ena. Leha Modimo a ile a mo hopola, mesebetsi ya hae e ya bonahana, e ya ipuella, ebile e kgethehile.


The President of the Republic of South Africa honors Dr Maphalla

In the past few days, The President of the Republic of South Africa, Mr Matamela Cyril Ramaphosa, honored Dr Maphalla with the (golden) Order of Ikhamanga  as an evidence of the wonderful and excellent work that he did in the advancement and maintenance of Sesotho. This golden honor of Order of Ikhamanga is the highest, special honor, that is given to South African residents for manifesting capabilities and exceptional excellence in the fields of art, tradition, literature, music, journalism and sports, who have dedicated themselves to their country. Dr Maphalla was given this honor because of his excellent work in Sesotho literature, as well as the profound role he played among the Basotho nation. He definitely deserved this honor.

You will recall that in 2019, SADiLaR honored Dr Maphalla for the excellent work he has done, and we were delighted when we received the news that the President of the country deemed it appropriate to honor this Sesotho giant.

Dr Maphalla wrote plays, poems, dramas, short stories, and others and received many honors which showcase his talent and capabilities. Some of the books he wrote are read at schools, and some of them that quickly gained popularity include Tshiu Tseo, Tshepo le Metswalle, Tefo, Kabelwamanong, Nna ke Mang? Botsang Lebitla, and many more.  

Like SADiLaR, we congratulate Dr Maphalla for this honor. Although God recalled him, but his works are evident, they cannot be denied and are unique.